2 Dikronike 5:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa mesebetsi e kgehetsweng Modimo ke ntatae, e le silefera, le kgauta, le mesebetsi ya mefutafuta, mme a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Modimo.

2. Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.

3. Le bona banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena ka mokete, e le ka kgwedi ya bosupa.

4. Eitse hobane baholo bohle ba Iseraele ba fihle, Balevi ba jara areka,

5. mme ba tlisa areka le tente ya pokano le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng; ya tliswa ke baprista le Balevi.

2 Dikronike 5