2 Dikronike 4:14-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. A etsa le didulwana, mme a etsa merifi, a e bea didulwaneng;

15. le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi tse katlase ho lona,

16. le dipitsa, le mangeta a molora, le difereko, le mesebetsi yohle ya teng. Hurame-Abi a di etsetsa ntlo ya Jehova ka taelo ya morena Salomone, tsa etswa ka koporo.

17. Morena a ya di tsholla lehwatateng la Jordane, letsopeng le mahareng a Sukkothe le Tsereda.

2 Dikronike 4