7. Nebukadnesare a isa mesebetsi e meng ya ntlo ya Jehova Babilona, mme a e bea tlung ya hae ya moreneng Babilona.
8. Haele ditaba tse ding tsa Jojakime, le manyala a entsweng ke yena, le tse fumanweng ho yena, bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le a Juda. Mme Jojakine, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
9. Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka kgwedi tse tharo tse nang le ditshiu tse leshome Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.
10. Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.
11. Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema.
12. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae; ha a ka a ikokobetsa pela Jeremia moporofeta eo mantswe a hae a neng a etswa molomong wa Jehova.
13. Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele.
14. Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.