7. Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.
8. Mahosana a hae le wona a ntshetsa setjhaba, baprista le Balevi sehlabelo ka ho rata. Hilkia, le Sakaria le Jehiele, mahosana a ntlo ya Modimo, ba nea baprista, hore ba etse Paseka ya bona, dikonyana tse dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng, le dikgomo tse makgolo a mararo.
9. Konania le yena, le Shemaia le Nethaneele, banababo, le Hashabia, le Jeiele, le Josabade, beng ba Balevi, ba ntshetsa Balevi, hore ba etse Paseka ya bona, dikonyana tse dikete tse hlano le dikgomo tse makgolo a mahlano.
10. Tseo tsa tshebeletso eitse ha di se di lokile, baprista ba ema tulong tsa bona, le bona Balevi ka hlopha tsa bona, ka taelo ya morena.
11. Ha hlajwa Paseka; baprista ba tsholla madi, mme Balevi ba nna ba buha dikonyana.
12. Ba kgetha dinama tsa ditjheso ba tle ba di nee bana ba setjhaba, ka ho ya ka makala a matlo a bontata bona, hore ba di hlahisetse Jehova, kamoo ho ngodilweng bukeng ya Moshe kateng; ba etsa jwalo le ka dikgomo.
13. Ba besa Paseka mollong, ka taelo; haele dinama tse halalelang, ba di pheha dipitseng tse kgolo, le dipitseng tse nyenyane, le dipaneng; ba ntoo phakisa ho di isa ho bana bohle ba setjhaba.
14. Yaba ba lokisa tsa bona, ba lokisetsa le baprista; hobane baprista, bara ba Aarone, ba nnile ba tshwareha ho fihlela bosiu, ba ntse ba hlahisa ditjheso le mafura a tsona; ka baka leo, Balevi ba itokisetsa tsa bona ba lokisetsa le baprista, bara ba Aarone,
15. Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.
16. Ka tsatsi lona leo, ha lokiswa tshebeletso yohle ya Jehova, ho etsa Paseka le ho hlahisa ditjheso aletareng ya Jehova, ka taelo ya morena Josiase.
17. Bana ba Iseraele ba neng ba le teng, le bona mohlang oo ba etsa Paseka, mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka matsatsi a supileng.
18. Ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwaloka eo Iseraeleng, haesale mehleng ya Samuele moporofeta; mme hara marena wohle a Iseraele, ho ne ho eso ho ka ho eba le a mong ya kileng a etsa Paseka e jwaloka e entsewng ke morena Josiase, ba ena le baprista, le Balevi, le Bajuda bohle, le Iseraele, ho ena le baahi ba Jerusalema le bona.
19. Paseka eo e ne e etswe ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase.
20. Kamora tseo tsohle, eitse hobane Josiase a phethe ho lokisa ntlo ya Jehova, Neko, morena wa Egepeta, a futuhela Karkemishe, nokeng ya Eufrate; mme Josiase a ya mo kgahlanyetsa.
21. Neko a mo romela manqosa, a re: Ke na le taba efe le wena, morena wa Juda? Ha ke futuhele wena kajeno, ke mpa ke futuhela ntlo eo ke lwanang le yona; Modimo o itse, ke phakise. Lesa, wena, ho hanela Modimo o nang le nna, esere wa o timetsa.
22. Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.