22. Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.
23. Ba fulang ka diqha ba betsa morena Josiase, mme morena a re ho bahlanka ba hae: Ntloseng, hobane ke hlabilwe habohloko.
24. Bahlanka ba hae ba mo tlosa koloing, ba mo kenya koloing ya hae ya bobedi, mme ba mo isa Jerusalema. A shwa, a patwa mabitleng a bontatae, mme Bajuda le ba Jerusalema kaofela ba mo llela.
25. Jeremia a etsa pina ya malla hodima Josiase; le tsona dibini tsa banna le tsa basadi di nnile tsa bolela tsa Josiase dipineng tsa tsona tsa dillo ho fihlela kajeno, tsa etsa dipina tsena mokgwa o tiileng Iseraeleng. Bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya kodi ya malla.