2 Dikronike 35:17-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Bana ba Iseraele ba neng ba le teng, le bona mohlang oo ba etsa Paseka, mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka matsatsi a supileng.

18. Ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwaloka eo Iseraeleng, haesale mehleng ya Samuele moporofeta; mme hara marena wohle a Iseraele, ho ne ho eso ho ka ho eba le a mong ya kileng a etsa Paseka e jwaloka e entsewng ke morena Josiase, ba ena le baprista, le Balevi, le Bajuda bohle, le Iseraele, ho ena le baahi ba Jerusalema le bona.

19. Paseka eo e ne e etswe ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase.

20. Kamora tseo tsohle, eitse hobane Josiase a phethe ho lokisa ntlo ya Jehova, Neko, morena wa Egepeta, a futuhela Karkemishe, nokeng ya Eufrate; mme Josiase a ya mo kgahlanyetsa.

21. Neko a mo romela manqosa, a re: Ke na le taba efe le wena, morena wa Juda? Ha ke futuhele wena kajeno, ke mpa ke futuhela ntlo eo ke lwanang le yona; Modimo o itse, ke phakise. Lesa, wena, ho hanela Modimo o nang le nna, esere wa o timetsa.

22. Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.

23. Ba fulang ka diqha ba betsa morena Josiase, mme morena a re ho bahlanka ba hae: Ntloseng, hobane ke hlabilwe habohloko.

24. Bahlanka ba hae ba mo tlosa koloing, ba mo kenya koloing ya hae ya bobedi, mme ba mo isa Jerusalema. A shwa, a patwa mabitleng a bontatae, mme Bajuda le ba Jerusalema kaofela ba mo llela.

2 Dikronike 35