1. Mme Josiase a etsetsa Jehova Paseka, Jerusalema; Paseka ba e hlaba ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele.
2. A bea baprista dihlopheng tsa bona, a ba natlafaletsa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.
3. Hape, a re ho Balevi, ba rutang Baiseraele bohle, ba ikgalalleditseng Jehova: Beang areka e halalelang tlung e hahilweng ke Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele. Ha ho sa tla ba phahlo hodima mahetla a lona; jwale, sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.
4. Itokiseng, ka matlo a bontata lona le ka dihlopha tsa lona, ka tse ngodilweng ke Davida, morena wa Iseraele, le ka tse ngodilweng ke Salomone, mora hae;
5. le eme sehalalelong, ka matlo a bontata lona, ka makala a etswang ke banababo lona, bana ba setjhaba sena, le ka karolo ya matlo a bontata Balevi;
6. le hlabe Paseka, le ikgalaletse, mme le e lokisetse banababo lona, ka ho ya ka lentswe la Jehova le neilweng ka Moshe.
7. Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.
8. Mahosana a hae le wona a ntshetsa setjhaba, baprista le Balevi sehlabelo ka ho rata. Hilkia, le Sakaria le Jehiele, mahosana a ntlo ya Modimo, ba nea baprista, hore ba etse Paseka ya bona, dikonyana tse dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng, le dikgomo tse makgolo a mararo.
9. Konania le yena, le Shemaia le Nethaneele, banababo, le Hashabia, le Jeiele, le Josabade, beng ba Balevi, ba ntshetsa Balevi, hore ba etse Paseka ya bona, dikonyana tse dikete tse hlano le dikgomo tse makgolo a mahlano.
10. Tseo tsa tshebeletso eitse ha di se di lokile, baprista ba ema tulong tsa bona, le bona Balevi ka hlopha tsa bona, ka taelo ya morena.
11. Ha hlajwa Paseka; baprista ba tsholla madi, mme Balevi ba nna ba buha dikonyana.
12. Ba kgetha dinama tsa ditjheso ba tle ba di nee bana ba setjhaba, ka ho ya ka makala a matlo a bontata bona, hore ba di hlahisetse Jehova, kamoo ho ngodilweng bukeng ya Moshe kateng; ba etsa jwalo le ka dikgomo.
13. Ba besa Paseka mollong, ka taelo; haele dinama tse halalelang, ba di pheha dipitseng tse kgolo, le dipitseng tse nyenyane, le dipaneng; ba ntoo phakisa ho di isa ho bana bohle ba setjhaba.