19. Eitse ha morena a utlwa dipolelo tsa molao, a hahola diaparo tsa hae;
20. mme morena a laela Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Abdone, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia mohlanka wa morena,
21. a re: Eyang, le mpotsetse Jehova bakeng sa ka le bakeng sa masala a Iseraele le Juda, hodima dipolelo tsa buka e fumanweng; hobane kgalefo ya Jehova e tsholletsweng rona e kgolo, ka baka la hobane bontata rona ba sa ka ba boloka lentswe la Jehova, ho etsa ka tsohle tse ngodilweng bukeng ena.
22. Yaba Hilkia le ba romilweng ke morena ba ya ho Hulda, moporofeta wa mosadi wa Shallume, mora Thokehathe, mora Hasra, molebedi wa diaparo, ya ahileng Jerusalema, karolong e nngwe ya motse, mme ba mmolella tseo.
23. Yaba o re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ereng ho monna ya le rometseng ho nna:
24. Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.
25. Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.
26. Haele morena wa Juda, ya le romileng ho botsa Jehova, ereng ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, hodima dipolelo tseo o di utlwileng:
27. Erekaha pelo ya hao e nolofetse, wa ikokobetsa pela Modimo, mohla o utlwang dipolelo tsa wona bakeng sa motse wona le bakeng sa ba ahileng ho wona, wa ikokobetsa pela ka, wa hahola diaparo tsa hao, wa ba wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.
28. Ke se ke tla o orosetsa ho bontatao, mme o tla phuthelwa lebitleng la hao ka kgotso, mme mahlo a hao a ke ke a bona dikotsi tsohle tseo ke tla di hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona. Ba busetsa polelo eo ho morena.
29. Yaba morena o romela ho bokella baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.
30. Morena a nyolohela ka tlung ya Jehova, yena le batho bohle ba Juda, le baahi ba Jerusalema, le baprista, le Balevi, le setjhaba kaofela, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba banyenyane; a bala ditsebeng tsa bona dipolelo tsohle tsa buka ya selekane e fumanweng ka tlung ya Jehova;
31. morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikomelo tsa hae, ka pelo yohle ya hae le ka moya wohle wa hae, sa ho re, o tla etsa ka dipolelo tsa selekane tse ngodilweng bukeng ena.
32. A kenya bohle ba neng ba le Jerusalema le Benjamine selekaneng seo; mme baahi ba Jerusalema ba ya ka selekane sa Modimo, Modimo wa bontata bona.
33. Yaba Josiase o tlosa manyala wohle a mafatshe wohle ao e leng a bana ba Iseraele; a kganna bohle ba naheng ya Iseraele hore ba sebeletse Jehova, Modimo wa bona. Ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, ha ba ka ba kgeloha tshebeletso ya Jehova, Modimo wa bontata bona.