2 Dikronike 34:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Tsa bewa matsohong a beng ba mosebetsi, ba lebelang mosebetsi wa ntlo ya Jehova; beng ba mosebetsi ba di nea ba sebetsang tlung ya Jehova ho tsosa le ho lokisa ntlo.

11. Ba di nea le dibetli tsa difate le dihahi, hore di reke majwe a betlilweng, le difate tse tla kopanngwa, le ho etsa difate tsa ho fera matlo a heleditsweng ke marena a Juda.

12. Batho bao ba nna ba sebetsa mosebetsi oo ka botshepehi. Balebedi ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, Balevi, ho bara ba Merari, le Sakaria le Meshullame, ho bara ba Bakehathe; Balevi bohle, ba neng ba tseba ho letsa diletsa,

13. ba ne ba lebela ba tlisang dintho, ba tsamaisa bohle ba sebetsang mosebetsi wa mofuta ofe le ofe; hape, hara Balevi ho ne ho na le bangodi, le bahlahlobi, le balebedi ba menyako.

14. Eitse ha ho ntse ho ntshwa ditjhelete tse tlisitsweng tlung ya Jehova, Hilkia, moprista, a fumana buka ya molao wa Jehova o neilweng ka Moshe.

15. Hilkia a bua, a re ho Shafane, mongodi: Ke fumane buka ya molao ka tlung ya Jehova. Hilkia a nea Shafane buka.

16. Shafane a tlisa buka ho Morena, hape a behela morena ditaba, a re: Bahlanka ba hao ba sebeditse tsohle tseo ba di laetsweng.

17. Ba bokeletse tjhelete tse neng di le ka tlung ya Jehova, mme ba di beile matsohong a balebedi le matsohong a ba sebetsang mosebetsi.

18. Hape, Shafane, mongodi, a behela morena, a re: Hilkia moprista o nneile buka e nngwe. Mme Shafane a e bala pela morena.

19. Eitse ha morena a utlwa dipolelo tsa molao, a hahola diaparo tsa hae;

20. mme morena a laela Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Abdone, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia mohlanka wa morena,

21. a re: Eyang, le mpotsetse Jehova bakeng sa ka le bakeng sa masala a Iseraele le Juda, hodima dipolelo tsa buka e fumanweng; hobane kgalefo ya Jehova e tsholletsweng rona e kgolo, ka baka la hobane bontata rona ba sa ka ba boloka lentswe la Jehova, ho etsa ka tsohle tse ngodilweng bukeng ena.

22. Yaba Hilkia le ba romilweng ke morena ba ya ho Hulda, moporofeta wa mosadi wa Shallume, mora Thokehathe, mora Hasra, molebedi wa diaparo, ya ahileng Jerusalema, karolong e nngwe ya motse, mme ba mmolella tseo.

23. Yaba o re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ereng ho monna ya le rometseng ho nna:

2 Dikronike 34