9. Manasse a kgelosa Bajuda jwalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa ditjhaba tse neng di timeditswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.
10. Mme Jehova a bua le Manasse le setjhaba sa hae, empa ha ba ka ba mo ela hloko.
11. Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.
12. Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.
13. A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.