2 Dikronike 32:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora taba tseo, le kamora diketso tseo tsa bokgabane, ha fihla Sankeribe, morena wa Assiria; a kena naheng ya Juda, mme a thibella metse ya diqhobosheane, a re, o tla e kena.

2. Eitse ha Esekiase a bona hobane Sankeribe o tla ka morero wa ho futuhela Jerusalema,

3. a rera le mahosana a hae le banna ba hae ba bahale, hore ho katwe mehlodi ya didiba tse kantle ho motse, mme ba mo dumela.

2 Dikronike 32