2 Dikronike 31:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ka kgwedi ya boraro, ba qala ho etsa ditha, mme ba qetella ka kgwedi ya bosupa.

8. Esekiase le mahosana ba ya bona ditha, mme ba boka Jehova le setjhaba sa hae sa Iseraele.

9. Esekiase a botsa ditha tseo ho baprista le ho Balevi.

10. Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.

11. Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,

12. ha tliswa teng ka mokgwa o sa belaetseng kabelo e ntshitsweng, le karolo ya leshome, le dintho tse kgethehileng. Konania, Molevi a bewa modisa wa tsona, wa bobedi e le Shimei ngwanabo;

13. boJehiele, Asaria, Nahathe, Asaele, Jerimothe, Josabade, Eliele, Jismakia, Mahathe, le Benaia ba bewa bahlahlobi tsamaisong ya Konania le Shimei ngwanabo, ka taelo ya morena Esekiase le ka ya Asaria, motsamaisi wa ntlo ya Modimo.

14. Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.

15. Katlase ho yena, metseng ya baprista ho ne ho na le Edene, le Minjamine, Joshua, Shemaia, Amaria, le Shekania, ba neilwe kabelo ya botshepehi ya ho abela banababo bona, ka ho ya ka dihlopha tsa bona, e moholo le e monyenyane,

16. e le hore ba abele ba ngodilweng mangolong a masika a bona e le ba batona, ho qala ka ba dilemo tse tharo le ba kapele, e leng bohle ba kenang tlung ya Jehova ka tsatsi le leng le le leng, ka mosebetsi wa tshebeletso ya dikabelo tsa bona, le ka dihlopha tsa bona;

2 Dikronike 31