2 Dikronike 29:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Esekiase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Abija, moradi wa Sakaria.

2. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Davida ntatae kateng.

3. Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya pele, a bula mamati a ntlo ya Jehova, mme a a lokisa.

4. A mema baprista le Balevi, a ba phuthela lepatlelong le ka nqa botjhabatsatsi;

5. a re ho bona: Mmameleng, lona Balevi! Itlhwekiseng jwale, le hlwekise ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata lona, mme le lahlele ditshila kantle ho sehalalelo.

6. Hobane bontata rona ba sitilwe; ba entse ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa rona; ba mo furaletse; ba furallisitse difahleho tsa bona bodulo ba Jehova, mme ba bo neile mokokotlo.

7. Ba bile ba kwetse mamati a mathule, ba timile dilampi; ha ba ka ba tjhesa dibano, hape ha ba ka ba hlaba ditjheso sehalalelong sa Modimo wa Iseraele.

8. Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.

9. Mme bonang, ka baka leo, bontata rona ba nnile ba dihuwa ke lerumo, mme bara ba rona le baradi ba rona le basadi ba rona ba kgolehong.

10. Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.

2 Dikronike 29