2 Dikronike 28:15-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Banna ba tswa thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka batshwaruwa, mme ka ntho tsa kgapo ba apesa bohle ba bona ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba nea ho ja le ho nwa, ba ba tlotsa; ba palamisa bohle ba kgathetseng diesele, mme ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho banababo bona; ba ntoo kgutlela Samaria.

16. Mohlang oo, morena Akase a romela ho marena a Assiria hore a mo tlatse.

17. Hobane Baedomo ba ne ba boetse ba tlile le bona, ba qhala Bajuda, ba ya le batshwaruwa ba bang.

18. Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.

19. Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.

20. Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, a fela a tla ho yena, a mo tsietsa, a mpa a se ke a mo matlafatsa.

21. Hobane leha Akase a ne a phahlile ntlo ya Jehova le matlo a morena le a mahosana, a neile morena wa Assiria ntho tse ngata, leha ho le jwalo, ha a ka a thusa letho ka hoo.

22. Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.

23. A hlabela medimo ya Damaseka e mo qhadileng, a re: Erekaha medimo ya marena a Siria e a thusitse, ke tla e hlabela, hore le nna e tle e nthuse. Athe e a mo dihela fatshe, yena le Iseraele kaofela.

24. Akase a bokella mesebetsi ya ntlo ya Modimo, mme a robaka mesebetsi ya ntlo ya Modimo dikoto, a kwala mamati a ntlo ya Jehova, mme a iketsetsa dialetare dikoung tsohle tsa Jerusalema.

25. Hape, motseng o mong le o mong wa Juda, a etsa dinqalo tse diphahameng, hore a tjhesetse medimo esele dibano; mme kahoo a halefisa Jehova, Modimo wa bontatae.

2 Dikronike 28