2 Dikronike 25:21-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Joase, morena wa Iseraele, a nyoloha, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.

22. Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, mme ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.

23. Joase, morena wa Iseraele, a tshwara Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Joakase, Bethe-Shemeshe, mme a ya le yena Jerusalema; teng a etsa sekgeo se ditswe tse makgolo a mane lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou.

24. Hape, a nka kgauta yohle le silefera le dipitsa tsohle tseo a di fihletseng ka tlung ya Modimo ha Obed-Edomo, le matlotlo a ntlo ya morena, le batho ba entsweng ditebeletso, a ntoo kgutlela Samaria.

25. Eitse hobane Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, a shwe, Amatsia, mora Joase morena wa Juda, a boela a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano.

26. Ditaba tse ding tsa Amatsia, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele?

2 Dikronike 25