2. Ba ya le naha ya Juda, ba phutha Balevi le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele metseng yohle ya Juda, mme ba tla Jerusalema.
3. Mme phutheho yohle ya hlaba selekane le morena ka tlung ya Modimo. Jehojada a re ho bona: Bonang, ngwana morena o tla busa jwalokaha Jehova a boletse bakeng sa bara ba Davida.
4. Ke sena seo le tla se etsa: Ba karolo ya boraro ba lona ba tlang tshebeletsong ka Sabatha, e le baprista le Balevi, ba tla lebela menyako;
5. ba karolo e nngwe ya boraro ba tla ema ka tlung ya morena, ba karolo e nngwe ya boraro ba ene pela monyako wa Jesode; setjhaba sohle sona se tla ema mabaleng a ntlo ya Jehova.
6. Ho se ke ha kena motho tlung ya Jehova, haese baprista, le Balevi ba tshwereng tshebetso; bona ba ka kena, etswe ba halalehile, mme setjhaba sohle se tla lebela Jehova.
7. Balevi ba tla teela morena hare ka nqa tsohle, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae ka letsoho la hae; mang le mang ya kenang ka tlung a ke a bolawe; le latelle morena ha a kena, leha a etswa.