11. Ba tlisa mora morena, ba mo rwesa moqhaka le bopaki, ba mmea morena, mme Jehojada le bara ba hae ba mo tlotsa, ba re: Ha ho phele morena!
12. Eitse ha Athalia a utlwa ditlatse tsa batho ba phalletseng ho tla rorisa morena, a tla hara setjhaba, ka tlung ya Jehova.
13. Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!
14. Yaba moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng diemeng, mme mang le mang ya mo latelang a bolawe ka lerumo; hobane moprista o ne a itse: Le se ke la mmolaela tlung ya Jehova.
15. Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena, ka tsela ya monyako wa dipere, mme ba mmolaela hona teng.
16. Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.
17. Setjhaba sohle sa kena ka tlung ya Baale, sa e heletsa; ba robaka le dialetare tsa yona le ditshwantsho tsa yona dikoto, mme ba bolaya Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare.