1. Josafate a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae motseng wa Davida; mme Jorame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
2. Jorame o ne a na le banababo, bara ba Josafate: boAsaria, le Jehiele, le Sakaria, le Asaria, le Mikaele, le Shefathia; kaofela ha bona e ne e le bara ba Josafate, morena wa Iseraele.
3. Ntata bona o ne a ba neile dimpho tse ngata tsa silefera le kgauta, le dintho tsa bohlokwa, hammoho le metse ya diqhobosheane naheng ya Juda; mmuso wona o ne a o neile Jorame, kahobane e ne e le yena wa letsibolo.