2 Dikronike 20:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, bana ba Moabe le bana ba Ammone ba ena le Bamaone ba bang, ba futuhela Josafate.

2. Josafate a behelwa, ha thwe: O futuhelwa ke sera se seholohadi, se tswang Siria mose wane ho lewatle; e se e le bana Hatsatsone-Thamare, e leng Ene-Gedi.

3. Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.

4. Yaba Bajuda ba phuthehela ho rapela Jehova, mme ha tsuwa metseng yohle ya Juda ho tla batla Jehova.

5. Josafate a ema phuthehong ya Juda le Jerusalema, tlung ya Jehova, pela mathule a matjha, a re:

6. Jehova, Modimo wa bontata rona, na hase wena Modimo mahodimong? Na hase wena o busang mebuso yohle ya lefatshe? Na matla le bonatla ha di letsohong la hao, hore ho se be motho ya ka o hlolang?

2 Dikronike 20