1. Josafate, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae; a ipha matla ho lwantsha Iseraele;
2. a isa makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane, mme a bea bahlabani naheng ya Juda le metseng ya Efraime e neng e hapilwe ke Asa ntatae.
3. Jehova a ba ho Josafate, kahobane a nnile a tsamaya ka mehlala ya pele ya ntatae Davida, a sa ka a batla boBaale;
4. a mpa a batla Modimo wa bontatae, mme a tsamaya ka ditaelo tsa wona, a se ke a ya ka mokgwa wa Baiseraele.
5. Jehova a tiisa mmuso letsohong la hae. Baiseraele bohle ba tlisetsa Josafate dimpho, mme a atelwa ke leruo le kganya.
6. Pelo ya hae ya hola tsebong ya ditsela tsa Jehova, mme a hla a tlosa dinqalo tse diphahameng le diashera hara Juda.
7. Ka selemo sa boraro sa ho busa ha hae, a roma mahosana a hae, boBene-Haile, Obadia, Sakaria, Nethaneele, le Mikea, hore ba ye ho ruta metseng ya Juda;
8. ba ya ba ena le Balevi Shemaia, Nethania, Sebadia, Asaele, Shemiramothe, Jonathane, Adonija, Tobija, le Tob-Adonija, Balevi, hape ba ena le baprista Elishama le Jorame.
9. Ba ya le naha ya Juda ba ntse ba ruta, ba tshwere buka ya molao wa Jehova, mme ba ya le metse yohle ya Juda, ba ntse ba ruta setjhaba.
10. Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.