2 Dikronike 15:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Haele lona, ipheng matla, mme matsoho a lona a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.

8. Eitse ha Asa a utlwa mantswe ao le boporofeta ba Odede moporofeta, a ipha matla, a fedisa manyala lefatsheng lohle la Juda le la Benjamine, le metseng eo a neng a e nkile thabeng ya Efraime, mme a tsosa aletare ya Jehova e pela mathule a Jehova.

9. Yaba o bokella Bajuda bohle le Babenjamine, le batho ba Efraime, le ba Manasse le ba Simeone ba neng ba jakile ho bona, etswe Baiseraele ba bangata ba ne ba falletse ho yena ha ba bona hoba Jehova, Modimo wa hae, o na le yena.

10. Ba phuthehela Jerusalema ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa ho busa ha Asa.

11. Tsatsing leo, ba hlabela Jehova dintho tse ding tsa kgapo eo ba tlileng le yona, e le dikgomo tse makgolo a supileng, le dinku tse dikete tse supileng.

12. Ba itlama pela Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Modimo wa bontata bona, ka pelo yohle le ka moya wohle;

13. ha thwe: Mang le mang ya sa batleng Jehova, Modimo wa Iseraele, o tla bolawa, e monyenyane kapa e moholo, mosadi kapa monna.

14. Ba itlama ka kano ho Jehova ka mantswe a tlerolang le ka ditlatse, ka diterompeta le ka diphala.

15. Bajuda kaofela ba thabela kano eo, hobane ba ne ba itlamile ka kano eo ka dipelo tsohle tsa bona, mme ba ne ba batlile Modimo ka takatso e tletseng ya bona; wa ba wa fumanwa ke bona; mme Jehova a ba nea phomolo ka nqa tsohle.

16. Esita le Maaka, mmae, morena Asa a mo ntsha sefumahading, kahobane a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho sa hae, a se sila phofo, mme a se tjhese molatswaneng wa Kedrone.

2 Dikronike 15