15. batho ba Juda ba etsa ditlatse; ha batho ba Juda ba etsa ditlatse, Jehova a qhala Jeroboame le Baiseraele bohle pela Abija le Juda;
16. bana ba Iseraele ba baleha pela Bajuda, mme Modimo wa ba neela matsohong a bona.
17. Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.
18. Bana ba Iseraele ba kokobetswa jwalo mohlang oo, mme bana ba Juda ba hlola, ka baka la hobane ba ne ba itshetlehile ka Jehova, Modimo wa bontata bona.
19. Abija a phallela Jeroboame, mme a mo amoha metse e meng, e le Bethele le metsana ya teng, le Jeshana le metsana ya teng, le Efrone le metsana ya teng.
20. Matsatsing a Abija, Jeroboame ha a ka a hlola a ipha matla, Jehova a ba a mo otla, a shwa.
21. Empa Abija a ipha matla, a nyala basadi ba leshome le metso e mene, mme a tswala bara ba mashome a mabedi a metso e mmedi le baradi ba leshome le metso e tsheletseng.
22. Haele ditaba tse ding tsa Abija, le tseo a di entseng, le mantswe a hae, di ngodilwe bekang ya dihlaloso tsa moporofeta Iddo.