1. Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa morena Jeroboame, Abija a qala ho busa Juda.
2. A busa Jerusalema ka lemo tse tharo; lebitso la mmae e ne e le Mikaia, moradi wa Uriele wa Gibea.
3. Ntwa ya eba teng mahareng a Abija le Jeroboame. Abija yena a futuha a ena le sera sa bahlabani ba dikete tse makgolo a mane ba kgethilweng; Jeroboame le yena a ya hlopholla ntwa ya hae ya bahlabani ba bohale ba dikete tse makgolo a robileng meno e le mmedi ba kgethilweng.
4. Abija a ema qhoweng ya thaba ya Tsemaraime, e dithabeng tsa Efraime, a re: Nkutlweng, wena Jeroboame le lona Baiseraele bohle.
5. Na ha le a tshwanela ho tsebisisa hoba Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nee Davida borena ba Iseraele ka ho sa feleng, a bo nea yena le bara ba hae, ka selekane se se nang ho tlolwa na?
6. Empa Jeroboame, mora Nebathe, mohlanka wa Salomone, mora Davida, o eme, mme o kwenehetse monga hae;
7. batho ba lefeela, bara ba Beliale, ba phuthehetse ho yena, mme ba hlotse Roboame, mora Salomone. Athe Roboame o ne a sa le monyenyane, a le pelo e boi, mme o hlokile matla pela bona.
8. Mme jwale, le re, le tla fenya mmuso wa Jehova o matleng a bara ba Davida. Efela le batho ba bangata, mme le bile le na le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng medimo ka wona.
9. Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.
10. Haele rona, Jehova ke Modimo wa rona; ha re a mo furalla; baprista ba etsang tshebeletso ya Jehova ke bara ba Aarone, le bona Balevi ba mosebetsing wa bona;
11. ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.