1. Eitse hobane borena ba Roboame bo tiiswe, le yena ha a iphile matla, a furalla molao wa Jehova, le Baiseraele bohle ba etsa jwalo le bona.
2. Ka selemo sa bohlano sa ho busa ha Roboame, Shishake, morena wa Egepeta, a futuhela Jerusalema, kahobane Bajuda ba ne ba sitetswe Jehova;
3. a tla, a ena le makoloi a sekete se nang le makgolo a mabedi le bapalami ba dikete tse mashome a tsheletseng, a ena le batho ba fetang palo, Balibia le Basukke le Baethiopia;
4. a kena metse ya diqhobosheane ya Juda, a tla fihla le Jerusalema.
5. Yaba moporofeta Shemaia o ya ho Roboame le ho dihlooho tsa Juda tse neng di bokanetse Jerusalema ka baka la ntwa ya Shishake, a re ho bona: Jehova o re: Le mphuraletse, le nna ke le furaletse, ke bile ke le neetse matsohong a Shishake.
6. Empa dihlooho tsa Iseraele le morena ba ikokobetsa, ba re: Jehova o lokile.
7. Eitse ha Jehova a bona hobane ba ikokobeditse, lentswe la Jehova la tlela Shemaia, la re: Ba ikokobeditse, nke ke ka ba timetsa; ke se ke tla etsa hore ba phonyohe, mme kgalefo ya ka ha e ka ke ya tshollelwa hodima Jerusalema ka Shishake;
8. leha ho le jwalo, e tla ba bafo ba hae, ba tle ba tsebe ho kgetha tshebeletso ya ka ho tshebeletso ya mebuso ya mafatshe a mang.
9. Shishake, morena wa Egepeta, a futuhela Jerusalema; a nka matlotlo a ntlo ya Jehova le matlotlo a ka tlung ya morena; a nka ntho tsohle. Hape, a ya le dithebe tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.
10. Bakeng sa tsona, morena Roboame a etsa dithebe tsa koporo, a di bea matsohong a balaodi ba dititimi tse neng di lebela monyako wa ntlo ya morena.
11. Enereha morena a eya tlung ya Jehova, dititimi di ne di tsamaya di di tshwere, di ntoo di kgutlisetsa kamoreng ya dititimi.
12. Eitse ha Roboame a ikokobetsa, kgalefo ya Jehova ya mo kgutlela, a se ke a mo timelletsa ruri; hape, taba tse ding tsa Bajuda di ne di le molemo.
13. Morena Roboame a ipha matla Jerusalema, a nna a busa; o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng Jerusalema, e leng motse oo Jehova a neng a o kgethile hara meloko yohle ya Iseraele, ho bea lebitso la hae ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.