2. Empa lentswe la Jehova la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:
3. Bolella Roboame, mora Salomone, morena wa Juda, le Baiseraele bohle ba naheng ya Juda le Benjamine, o re:
4. Jehova o re: Se nyoloheng, se futuheleng banababo lona. Ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe le Jehova, ba kgutlela hae, ba tlohela ho futuhela Jeroboame.
5. Roboame a nna a dula Jerusalema; a haha metse ya diqhobosheane Juda.
6. A haha Bethlehema, Ethame, le Tekowa,
7. Bethe-Tsure, Soko, le Adullame,
8. Gathe, Maresha, le Sife,
9. Adoraime, Lakishe, le Aseka;
10. Tsorea, Ajalone, le Hebrone, metse ya Juda le Benjamine, a e esa metse ya diqhobosheane.
11. A e haha ka thata, a bea balaodi ho yona, le mediko ya dijo, ya ole le ya veine;
12. mme motseng o mong le o mong a bea dithebe le marumo; a etsa metse e thata haholoholo. Haele Juda le Benjamine, e ne e le ba hae.
13. Haele baprista le Balevi ba neng ba le kahohle Iseraeleng, ba tloha naheng tsa bona, ba phuthehela ho yena.
14. Balevi ba fela ba tlohela meraka ya bona le maruo a bona, ba tla Juda le Jerusalema kahobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba furaletse, ba tle ba se ke ba phetha mosebetsi wa baprista ba Jehova;
15. o ne a ikgethetse baprista ba dinqalo tse diphahameng ho hlabela diphooko le manamane ao a neng a a entse.