2 Dikronike 11:17-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ba tiisa mmuso wa Juda jwalo, mme ba natlafatsa Roboame, mora Salomone, ka lemo tse tharo; hobane ba fela ba tsamaya mehlaleng ya Davida le Salomone ka dilemo tse tharo.

18. Roboame a inkela mosadi: ke Mahalathe, moradi wa Jerimothe, mora Davida le Abihaile, moradi wa Eliabe, mora Jese.

19. A mo tswalla bara, Jeushe le Shemaria le Sahame.

20. A ntoo nka Maaka, moradi wa Absalome; eo a mo tswalla Abija, Attai, Sisa le Shelomithe.

21. Roboame a rata Maaka, moradi wa Absalome, ho ena le basadi ba hae ba bang kaofela le direthe tsa hae; athe o ne a nkile basadi ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi le direthe tse mashome a tsheletseng, mme a tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi le baradi ba mashome a tsheletseng.

22. Roboame a bea Abija, mora Maaka, ya kapele ho ba bang, hore e tle e be hlooho ya banababo; hobane o ne a rata ho mo etsa morena.

23. A nna a etsa ka kelello, a qhalanyetsa bara ba hae bohle dinaheng tsohle tsa Juda le Benjamine, metseng yohle ya diqhobosheane, a ba nea dijo tse ngata, mme a ba batlela basadi ba bangata.

2 Dikronike 11