2 Dikronike 11:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Roboame eitse hobane a fihle Jerusalema, a phutha ntlo ya Juda le Benjamine, ya eba banna ba dikete tse lekgolo le mashome a robileng meno e le mmedi, banna ba lokelang ho lwana, a tle a futuhele Iseraele, hore mmuso kaofela o busetswe ho Roboame.

2. Empa lentswe la Jehova la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:

3. Bolella Roboame, mora Salomone, morena wa Juda, le Baiseraele bohle ba naheng ya Juda le Benjamine, o re:

4. Jehova o re: Se nyoloheng, se futuheleng banababo lona. Ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe le Jehova, ba kgutlela hae, ba tlohela ho futuhela Jeroboame.

5. Roboame a nna a dula Jerusalema; a haha metse ya diqhobosheane Juda.

6. A haha Bethlehema, Ethame, le Tekowa,

7. Bethe-Tsure, Soko, le Adullame,

2 Dikronike 11