4. Ntatao o re jarisitse joko e boima; jwale o qephise tshebetso e thata ya ntatao le joko e boima eo a neng a re jarisitse yona, mme re tla o sebeletsa.
5. A re ho bona: Boelang ho nna kamora ditshiu di le tharo. Mme setjhaba sa ya.
6. Yaba morena Roboame o botsa banna ba baholo ba neng ba eme pela ntatae Salomone, ha a sa phela, a re: Nkeletseng, taba ke efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona na?
7. Ba mmolella, ba re: Ha o ka etsetsa setjhaba seo molemo, wa ba kgahlisa, wa ba bolella mantswe a molemo, teng e tla ba bahlanka ba hao kamehla.
8. A mpa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae,
9. a re ho bona: Le tla nnea keletso efe, mme re tla araba setjhaba ka efe karabo, kamoo se mpoleletseng kateng, sa re: Qephisa joko eo ntatao a neng a re jarisitse yona?
10. Banna ba Egepeta batjha, ba neng ba hodile le yena, ba mmolella, ba re: Ere ho setjhaba sena se o boleletseng, sa re: Ntatao o ne a re jarisitse joko e boima; wena, o re qephisetse yona; ere ho bona: monwana wa ka o monyenyane o motenya ho ena le letheka la ntate.
11. Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.
12. Ka la boraro, ha tla Jeroboame le setjhaba kaofela ho Roboame, kamoo morena a neng a itse kateng: Le tle le boele ho nna ka la boraro.
13. Morena a ba araba ka thata; morena Roboame a lesa keletso ya banna ba baholo,
14. a bua le bona ka keletso ya banna ba batjha, a re: Ntate o ne a le jarisitse joko e boima, nna ke tla e ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.
15. Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.