1. Yaba Roboame o ya Sikeme, hobane Baiseraele bohle ba ne ba ile Sikeme ho mmea morena.
2. Eitse Jeroboame, mora Nebathe, ha a utlwa — o ne a le Egepeta moo a neng a balehetse teng ke ho tshaba morena Salomone — Jeroboame a kgutla Egepeta.
3. Ba romela ho ya mmitsa; yaba Jeroboame le Baiseraele bohle ba tla, ba bolella Roboame, ba re:
4. Ntatao o re jarisitse joko e boima; jwale o qephise tshebetso e thata ya ntatao le joko e boima eo a neng a re jarisitse yona, mme re tla o sebeletsa.
5. A re ho bona: Boelang ho nna kamora ditshiu di le tharo. Mme setjhaba sa ya.
6. Yaba morena Roboame o botsa banna ba baholo ba neng ba eme pela ntatae Salomone, ha a sa phela, a re: Nkeletseng, taba ke efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona na?
7. Ba mmolella, ba re: Ha o ka etsetsa setjhaba seo molemo, wa ba kgahlisa, wa ba bolella mantswe a molemo, teng e tla ba bahlanka ba hao kamehla.
8. A mpa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae,
9. a re ho bona: Le tla nnea keletso efe, mme re tla araba setjhaba ka efe karabo, kamoo se mpoleletseng kateng, sa re: Qephisa joko eo ntatao a neng a re jarisitse yona?
10. Banna ba Egepeta batjha, ba neng ba hodile le yena, ba mmolella, ba re: Ere ho setjhaba sena se o boleletseng, sa re: Ntatao o ne a re jarisitse joko e boima; wena, o re qephisetse yona; ere ho bona: monwana wa ka o monyenyane o motenya ho ena le letheka la ntate.