2 Dikronike 1:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Haele aletare ya koporo e neng e entswe ke Betsaleele, mora Uri, mora Hure, le yona e ne e beilwe pela tabernakele ya Jehova. Salomone le phutheho ba batla Jehova.

6. Mme Salomone a nyolohela teng, pontsheng ya Jehova, aletareng ya koporo e leng pela tente ya pokano, a hlahisa ditjheso tse sekete teng.

7. Bosiung boo, Modimo wa iponahatsa ho Salomone, wa re ho yena: Kopa seo ke tla o nea sona.

8. Salomone a re ho Modimo: O etseditse ntate Davida ka lereko le leholo, o bile o mpeile morena tulong tsa hae.

9. Jwale, Jehova Modimo, a ho ke ho phethehe pallo ya hao, eo o neng o e bolelle ntate Davida; hobane o mpeile morena wa setjhaba se sengata jwaloka lerole la lefatshe.

10. Jwale ako nnee bohlale le kelello, ke tle ke tsebe ho tswa le ho boya pontsheng ya setjhaba sena; hobane ana ke mang ya ka ahlolelang tjhaba sena sa hao se sekakale?

11. Modimo wa re ho Salomone: Erekaha o hopotse jwalo pelong ya hao, o sa ka wa kopa lefumo, leha e le menono, kapa botumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o sa ka wa ikopela leha e le matsatsi a mangata, wa mpa wa ikopela bohlale le kelello, hore o tle o tsebe ho ahlolela setjhaba sa ka seo ke o beileng morena wa sona,

12. ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.

13. Yaba Salomone o tloha nqalong e phahameng e Gibeone, tenteng ya pokano, a kgutlela Jerusalema, mme a busa Iseraeleng.

14. Salomone a ipokellela makoloi le bakalli; makoloi a hae a eba sekete se nang le makgolo a mane, bakalli ba eba kete tse leshome le metso e mmedi; mme a ba bea metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.

15. Morena a etsa hore silefera le kgauta di tshwane le majwe Jerusalema, le dikedare hore li tshwane le disikomora tse dithoteng, ka bongata ba tsona.

2 Dikronike 1