2 Bathesalonika 3:15-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Leha ho le jwalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka ho re, ke ngwanabo lona.

16. Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!

17. Ke le Pauluse, ke le dumedisa ka letsoho la ka; ke yona pontsho ya ka mangolong a ka wohle. Ke ngola jwalo.

18. Mohau wa Jesu Kreste, Morena wa rona, o be le lona bohle. Amen!

2 Bathesalonika 3