2 Bathesalonika 2:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.

5. Ana ha le hopole hobane, enere ha ke sa na le lona, nkile ka le bolella taba tseo na?

6. Le jwale le tseba se mo thibelang, a tle a fele a bonahale nakong ya hae.

7. Hobane sephiri sa bokgopo se se se sebetseha; feela, ya mo thibetseng e ka kgona a tloswe.

8. Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.

9. Ke lekanya eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetso ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le ka mehlolo ya bohata,

10. le ka thetso yohle ya bokgopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata nnete, ba tle ba bolokehe.

11. Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;

12. hore ho tle ho ahlolwe bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba thabetse bokgopo.

13. Empa haele rona, re tshwanetse ho boka Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, baratuwa ba Morena, kahobane Modimo o le kgethile esale ho qaleng, hore le tle le bolokehe ke ho halaletswa ke Moya, le ke ho dumela nnete.

2 Bathesalonika 2