10. le ka thetso yohle ya bokgopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata nnete, ba tle ba bolokehe.
11. Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;
12. hore ho tle ho ahlolwe bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba thabetse bokgopo.
13. Empa haele rona, re tshwanetse ho boka Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, baratuwa ba Morena, kahobane Modimo o le kgethile esale ho qaleng, hore le tle le bolokehe ke ho halaletswa ke Moya, le ke ho dumela nnete.
14. O le bileditse hona ka Evangeli ya rona, le tle le rue kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.
15. Ka baka leo, banabeso, le eme le tiile, mme le tiise dipolelo tseo le di rutilweng, leha e le ka molomo, leha e le ka lengolo la rona.
16. Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,
17. o tshedise dipelo tsa lona, mme o le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo!