2 Bathesalonika 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele tsa ho tla ha Jesu Kreste Morena, le tsa ho phuthehela ha rona ho yena re a le rapela, banabeso, re re:

2. Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lona, leha e le ho tshoha ke moya, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thweng, le tswa ho rona, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.

3. Le se ke la thetswa ke motho le ka mokgwa o le mong; hobane e ka kgona ho etsahale kweneho pele, mme ho hlahe motho eo wa sebe, mora tahleho;

4. ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.

5. Ana ha le hopole hobane, enere ha ke sa na le lona, nkile ka le bolella taba tseo na?

6. Le jwale le tseba se mo thibelang, a tle a fele a bonahale nakong ya hae.

7. Hobane sephiri sa bokgopo se se se sebetseha; feela, ya mo thibetseng e ka kgona a tloswe.

2 Bathesalonika 2