2 Bathesalonika 1:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Nna Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika e ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, ke re:

2. Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.

3. Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.

2 Bathesalonika 1