11. Jwale, phethang le hona ho etsa; hore, jwalokaha le bile mafolofolo ho rateng, le be jwalo le ho etseng, le nka ho seo le nang le sona.
12. Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.
13. Hobane ha ho etswe hore ba bang ba bone thuso, mme lona le tsielehe; ho mpa ho etswa ka ho re, ho lekane hantle;
14. hore nala ya lona e tle e imolle bofumanehi ba bona nakong ya jwale, mme nala ya bona le yona e tle e imolle bofumanehi ba lona, ho tle ho etswe ka ho lekana;
15. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya neng a bokeletse haholo ha a ka a sallwa ke letho; mme ya neng a bokeletse hanyenyane ha a ka a hloka.
16. A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.
17. O fela a amohetse kgothatso ya ka hantle, mme o ile ho lona a sa laelwa ke e mong, a mpa a iswa ke tjheseho ya hae.
18. Re romile le yena moena e mong ya tumileng dikerekeng tsohle ka taba tsa Evangeli;
19. e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona.
20. Re ipabaletse, esere mohlomong ra nyatsuwa tabeng ya dithuso tseo tse ngata, tseo re di disang.
21. Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.