2 Bakorinthe 6:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Re mpa re iketsetsa kahohle kemelo e loketseng bahlanka ba Modimo, ka tiisetso e kgolo mahlomoleng, le bofumeng, le ditsietsing,

5. le dikotsing, le ditlamong, le meferefereng, le ho sebetseng, le ho fadimeheng, le ka ho itima dijo;

6. ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,

7. ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;

8. hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;

9. jwaloka hoja re le bathetsi, athe re ba nnete; jwaloka hoja re le ba sa tsejweng, athe re a tsejwa; jwaloka hoja re a shwa, athe re a phela; jwaloka hoja re a lauwa, empa ha re bolawe;

10. jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.

11. Helang! lona Bakorinthe, molomo wa rona o le ahlametse, pelo tsa rona di le ahlametse.

2 Bakorinthe 6