2 Bakorinthe 6:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.

2. Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho.

3. Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.

4. Re mpa re iketsetsa kahohle kemelo e loketseng bahlanka ba Modimo, ka tiisetso e kgolo mahlomoleng, le bofumeng, le ditsietsing,

5. le dikotsing, le ditlamong, le meferefereng, le ho sebetseng, le ho fadimeheng, le ka ho itima dijo;

6. ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,

7. ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;

8. hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;

2 Bakorinthe 6