2 Bakorinthe 11:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.

4. Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.

5. Empa ke lekanya hoba ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo.

6. Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.

7. Kapa ke sitilwe ha ke ikokobeditse, le tle le phahamiswe, kahoba ke le boleletse Evangeli ya Modimo feela-feela na?

2 Bakorinthe 11