2 Bakorinthe 11:16-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ke a pheta, ke re: Motho a se ke a bolela hore ke lewatla; leha ho se jwalo, nkamoheleng, leha ke le lewatla, le nna ke tle ke ithorise hanyenyane.

17. Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla.

18. Jwale he, erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa.

19. Hobane le ye le mamelle mawatla hantle, lona ba hlalefileng.

2 Bakorinthe 11