2 Bakorinthe 10:4-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.

5. Re diha ka tsona merero le diphahamo tsohle tse phahamelang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme re hapa mehopolo yohle, e tle e utlwe Kreste.

6. Mme re itokiseditse ho kgalemela ho se utlwe hohle, mohla kutlo ya lona e phethehang.

7. Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.

8. Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;

9. ho tle ho se ke ha eba jwaloka hoja ke rata ho le tshosa ka mangolo a ka.

2 Bakorinthe 10