2 Bakorinthe 1:21-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Mme ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo;

22. e leng wona hape o re tshwaileng, o re neileng ditebeletso tsa Moya dipelong tsa rona.

23. Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;

24. e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.

2 Bakorinthe 1