2 Bakorinthe 1:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:

2. Le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.

3. Ho bokwe Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle,

4. o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.

5. Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste.

6. Mme leha re le mahlomoleng, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utlwiswang le rona; mme hape, ha re tshediswa, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona. Mme tshepo ya rona hodima lona e tiile,

7. ka ho tseba hore, jwalokaha le ena le kabelo bohlokong, hape, le na le yona le tshedisong.

8. Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela.

9. Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;

2 Bakorinthe 1