1 Timothea 6:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.

10. Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.

11. Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.

12. Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.

13. Ke o laela pontsheng ya Modimo o phedisang ntho tsohle, le pontsheng ya Jesu Kreste ya pakileng nnete ka boipolelo ba bokgabane pela Ponse Pilato, ke re:

14. Boloka molao oo, o se na letheba, leha e le sekodi, Morena wa rona Jesu Kreste a tle a be a fihle,

15. eo ponahalo ya hae e tlang ho hlahiswa nakong ya teng ke eo e leng ya lehlohonolo, ya matla a nnotshi, Mmusi wa babusi le Morena wa marena;

16. e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!

17. Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.

18. Ba sebetse se molemo, ba atelwe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane;

19. ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.

20. Oho Timothea, boloka hle se beilweng kalosong ya hao, o tshabe dipolelo tsa lefeela, tsa bonyefodi, le diphapang tsa tsebo e bitswang jwalo ka leshano;

21. eo ba bang, ka ho e dumela, ba kgelohileng tumelo ke hona. Mohau o be le wena! Amen!

1 Timothea 6