1 Timothea 6:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ke o laela pontsheng ya Modimo o phedisang ntho tsohle, le pontsheng ya Jesu Kreste ya pakileng nnete ka boipolelo ba bokgabane pela Ponse Pilato, ke re:

14. Boloka molao oo, o se na letheba, leha e le sekodi, Morena wa rona Jesu Kreste a tle a be a fihle,

15. eo ponahalo ya hae e tlang ho hlahiswa nakong ya teng ke eo e leng ya lehlohonolo, ya matla a nnotshi, Mmusi wa babusi le Morena wa marena;

16. e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!

17. Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.

18. Ba sebetse se molemo, ba atelwe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane;

19. ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.

20. Oho Timothea, boloka hle se beilweng kalosong ya hao, o tshabe dipolelo tsa lefeela, tsa bonyefodi, le diphapang tsa tsebo e bitswang jwalo ka leshano;

21. eo ba bang, ka ho e dumela, ba kgelohileng tumelo ke hona. Mohau o be le wena! Amen!

1 Timothea 6