1 Timothea 6:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bahlanka bohle ba jokong ba lekanye hoba beng ba bona ba loketswe ke hlompho yohle, lebitso la Modimo le thuto di tle di se ke tsa nyefolwa.

2. Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.

3. Ekare ha e mong a ruta thuto esele, mme a sa kgomarele dipolelo tse phedisang tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto e bapileng le borapedi,

4. o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,

5. le diphapang tsa lefeela tsa batho ba maikutlo a bodileng, ba lahlehetsweng ke nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho rua. Kgaohana le ba jwalo.

6. Efela borapedi, ha bo ena le ho kgolwa ha pelo, ke leruo le leholo.

1 Timothea 6