6. Empa ya iphelelang menyakeng o shwele, leha a sa phela.
7. Le tseo o ba laele tsona, ba tle ba hloke sekodi.
8. Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ya hae, eo o latotse tumelo, mme o fetiswa ke ya sa dumelang.
9. Ho ngolwe mohlolohadi eo dilemo tsa hae di sa haelleng ho phetha mashome a tsheletseng, eo e kileng ya eba mosadi wa monna a le mong feela;
10. ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.
11. Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,
12. ba kena tsuong ka ho etsa boitlamo ba bona ba pele lefeela.
13. Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.
14. Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.
15. Le jwale, ba bang ba se ba ngadile, hore ba tle ba latele Satane.
16. Ekare ha modumedi a le teng, wa monna, kapa wa mosadi, ya nang le bahlolohadi, ba ke ba baballwe ke yena, mme kereke e se ke ya etsetswa boima, e tle e tsebe ho thusa bao e leng bahlolohadi ruri.
17. Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.
18. Hobane Lengolo le re: O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola. Hape le re: Ya sebetsang o tshwanelwa ke moputso wa hae.