2. basadi ba hodileng jwaloka hoja ke bommao, ba batjha jwaloka hoja ke bokgaitsedie, ka hlweko yohle.
3. Hlonepha basadi ba bahlolohadi, bao e leng bona ruri.
4. Empa ekare ha mohlolohadi e mong a ena le bana, kapa ditloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ya bona, le ho etsa ba ba tswetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho kgahlehang pela Modimo.
5. Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, ya siilweng a nnotshi, o itshepetse Modimo, mme o tiisetsa diqelong le merapelong, bosiu le motshehare.
6. Empa ya iphelelang menyakeng o shwele, leha a sa phela.
7. Le tseo o ba laele tsona, ba tle ba hloke sekodi.
8. Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ya hae, eo o latotse tumelo, mme o fetiswa ke ya sa dumelang.
9. Ho ngolwe mohlolohadi eo dilemo tsa hae di sa haelleng ho phetha mashome a tsheletseng, eo e kileng ya eba mosadi wa monna a le mong feela;
10. ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.
11. Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,
12. ba kena tsuong ka ho etsa boitlamo ba bona ba pele lefeela.
13. Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.