10. Le bona ba tshwanetse ho lekwa pele, ba ntoo bewa bahlanka, ha ba se na sekodi.
11. Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.
12. Hape, bahlanka ba kereke e be banna ba nang le basadi ka bong, ba busang bana ba bona hantle le matlo a bona.
13. Hobane ba sebeditseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo tumelong e ho Jesu Kreste.
14. Ke o ngolla taba tseo, leha ke tshepile hobane ke tla phakisa ke tle ho wena;
15. hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.
16. Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.