1 Timothea 3:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Taba ena ke ya nnete: Motho ha a rata bolebedi, o lakatsa mosebetsi o motle.

2. Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.

3. E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;

4. ya busang ntlo ya hae hantle, ya kgannelang bana ba hae kutlong ka bokgabane bohle.

5. Hobane motho ha a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, a ka disa kereke ya Modimo jwang?

6. Hape, e se ke ya eba modumedi e motjha, esebe a ka ikgohomosa, mme a wela tsuong ya Diabolose.

7. Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.

8. Bahlanka ba kereke le bona e be banna ba bokgabane, ba se ke ba eba le maleme a mabedi, ba se ke ba hlanyetsa veine, ba se ke ba batla leruo ka thetso:

9. ba boloke sephiri sa tumelo ka letswalo le hlwekileng.

10. Le bona ba tshwanetse ho lekwa pele, ba ntoo bewa bahlanka, ha ba se na sekodi.

11. Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.

1 Timothea 3